Sefela #92
Ho bohle ba tlas'a mam
...
HO bohle ba tlas'a mam, Ho nyolohe thoriso; Ho binoe bitso la 'Mopi, Fats'e maleme 'ohle. Mehau ea Hao ea mehla, Ntsoe la Hao ke la 'nete; Thoriso ea Hao e hohle, Tsatsi ha le phirime.
2. Taba tse tlang le bapheli, Ka pina tse rorisang; Tse tlerolang polokeho, Ka bitso la 'moloki. Mafats'eng 'ohle ke pina, Ho lumaela tsohle; Mehoo ea mantsoe thabong; Tlatsang fats'e thoriso.