Sefela #91

Tlo moea ka, lekunutung

...

TLO moea ka, lekunutung, Rorisa 'Mopi oa hao; Ke lefe leme le letle Le ka phahamisang thoko?

2. Har'a terone ea khanya, O apere khalalelo; Aparo sa bo-Molimo, Har'a likete tsa khanya.

3. Har'a khabiso tsa 'Mopi, Matla, bohlale, li benye, Mesebetsi e makatsang, Ke tiiso bitso ng la Hae.

4. Bophahamong ba lipheo, Moea oa ka O 'minele, Thoko e be lemeng la hao. Le mafats'e a tlatseise.