Sefela #97
Lona ba ratang ho phela
...
LONA ba ratang ho phela Mohlapeng oa Jesu, Hopolang tsietsi tsa tsela E isang haeso. (bis)
2. Ke 'mila o mosesane O hakang maoatla, Le khoro e patisane, E kenoa ka matla. (bis)
3. Nonyana li na le matlo, Li lula monateng; Ha ho moo hloho ea Jesu E ka'samelang teng. (bis)
4. Ba reng, ba mo sala morao, Ba itele pele, Ba se ke ba tsaba molao O thapisang mele. (bis)
5. Ba inkele sefapano Mahetleng a bona; Ba tie ba shoele likano Tsee ba leng ho tsona. (bis)